113 SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao.
113 Ke hloile bo-temepedi, ke rata Molao wa hao.
Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.
Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang;
MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.
Jehova o tseba mehopolo ya batho hoba ke lefeelafeela.
Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.
Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?
Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,
Re diha ka tsona merero le diphahamo tsohle tse phahamelang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme re hapa mehopolo yohle, e tle e utlwe Kreste.
Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.