105 NUN. Lentswe la hao ke lebone la maoto a ka, ke lesedi tseleng ya ka.
105 Lentswe la hao ke lebone maotong a ka, ke lesedi tseleng ya ka.
Mehleng eo, lebone la wona le ne le kganyetsa hlooho ya ka; ka lesedi la wona ke ne ke tseba ho tsamaya hara lefifi.
Le jwale o kgantsha lebone la ka; Jehova, Modimo wa ka, o edisa lefifi la ka.
Ditemoso tsa Jehova di lokile, di thabisa pelo; ditaelo tsa Jehova di hlwekile, di edisa mahlo.
Romela lesedi la hao le nnete ya hao, di tle di ntsamaise, di nkise thabeng e kgethehileng ya hao, le meahong ya hao,
Hobane keletso ke lebone, thuto ke lesedi, mme dikgalemelo tsa tayo ke tsela ya bophelo;
Empa ntho tseo tsohle ha di kgalemelwa, di bonahatswa ke lesedi; hobane hohle ho bonahatswang, ho lesedi.
Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;