Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.
Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.
Jehova a re ho Satane: Na ha o a ka wa lemoha Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho motho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.
Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.
Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.
Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.