4 Ba tshabang Jehova ba ke ba re: Efela mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!
4 Ba tshabang Morena ba ke ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”
Hobane Jehova o molemo, mohau wa hae o hlola ka ho sa yeng kae, le botshepehi ba hae melokong le melokong.
Iseraele, o itshepele Jehova: ke yena thuso ya bona le thebe ya bona.
Rokang Jehova, hobane o molemo, etswe mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.
Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!
Lentswe la tswa teroneng, la re: Bokang Modimo wa rona, lona bohle bahlanka ba wona, le lona ba o tshabang, ba baholo le ba banyenyane.