Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 118:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ho hlohonolofale ya tlang ka lebitso la Jehova! Re a le hlohonolofatsa, rona ba ntlo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ho bokwe ya tlang ka bitso la Morena: Re le hlohonolofatsa re le ka tlung ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 118:26
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!


Jehova a o hlohonolofatse a le Sione, yena ya entseng mahodimo le lefatshe.


Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!


Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


hobane ke re ho lona: Ho qala jwale, ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!


Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi; mme kannete ke a le bolella, ke re: Ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena.


ba re: Ho bokwe monghadi ya tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong, le kganya mahodimong a hodimodimo!


ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ