21 Ke a o leboha, hobane o nkutlwile, e bile ke wena poloko ya ka.
21 Ke a o boka hobane o ile wa nkaraba, o bile mopholosi wa ka.
Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka, le merapelo ya ka;
Jehova ke matla a ka le pina ya ka; ebile ke yena poloko ya ka.
Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.
Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.
Ho itswe ke Jehova: Nakong ya mohau ke o utlwile; tsatsing la poloko ke o thusitse; ke tla o boloka, ke tla o bea selekane sa setjhaba sa ka, o tle o tsose naha, o ba arolele mafa a senyehileng;