Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.
Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka.
jwaloka hoja re le bathetsi, athe re ba nnete; jwaloka hoja re le ba sa tsejweng, athe re a tsejwa; jwaloka hoja re a shwa, athe re a phela; jwaloka hoja re a lauwa, empa ha re bolawe;