Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 116:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ke tla phetha dikano tsa ka, ke di phethe ho Morena, pontsheng ya setjhaba sohle sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 116:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,


O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.


Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.


O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!


Oho Modimo, ke tlamilwe ke dikano tseo ke di entseng; ke tla o buseletsa diteboho.


Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.


Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.


empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova!


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ