13 Ke tla emisa senwelo sa topollo, ke rapele lebitso la Jehova;
13 Ke tla nyehela ka mohope, hobane ke pholositswe, mme ke rapele lebitso la Morena.
Rorisang Jehova, le rapele lebitso la hae; tsebisang diketso tsa hae hara ditjhaba.
Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.
hobane o ntshekehetse tsebe; ke tla mo rapela ke hona ka matsatsi wohle a ho phela ha ka.
Jehova ke kabelo ya ka, ke mohope oo ke o abetsweng; ke wena ya ntiiselletsang lefa la ka.
Mme ha re sa tla hlola re o tlohela; o boele o re phedise, mme re tla rapela lebitso la hao.
ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise ditjhaba diketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.
A etsa jwalo le ka senwelo, ha ba se ba laletse, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.
Senwelo sa hlohonolofatso seo re se lebohang, na hase kopano le madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano le mmele wa Kreste na?
Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.