Mme kahobane re na le moya o le mong wa tumelo, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke dumetse, mme ke boletse ke hona; le rona re a dumela, mme ke ka baka leo re bolelang;
Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.
Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.