Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 115:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ditshwantsho tsa bona ke silefera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Medimo ya bona ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 115:4
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.


a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.


Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Haele ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng, ba reng ho ditshwantsho tse tsholotsweng: Le medimo ya rona, ba tla sutha ka santhao, ba swabe haholo.


Ke mang ya ka teang modimo, leha e le ho tsholla setshwantsho, a sa rue letho ka sona?


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


Bohle ba etsang ditshwantsho ke lefeela; mesebetsi ya bona e roriswang ka ho fetisa ha e thuse letho; ditshwantsho tseo ke dipaki tsa hoo, ha di bone, ha di na tsebo, ba tle ba hlabiswe dihlong.


ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Yaba mongodi wa motse o kgutsisa bongata, a re: Banna ba Efese, ke ofe motho ya sa tsebeng hobane motse wa Baefese ke mmoloki wa tempele ya Diana, modimo o moholo, le wa setshwantsho sa hae se weleng ho Jupitere?


Teng, le tla sebeletsa medimo, e leng mosebetsi wa matsoho a batho, mahong le majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ