Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 115:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova o re hopotse; o tla re hlohonolofatsa; o tla hlohonolofatsa ntlo ya Iseraele; o tla hlohonolofatsa ntlo ya Aarone;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Morena o ntsa re hopotse, o tla re hlohonolofatsa; a hlohonolofatse ba ntlo ya Iseraele, a hlohonolofatse ba ntlo ya Arone,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 115:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Modimo o hopola Nowe, le diphofolo tsohle, le makgomo kaofela a ho yena arekeng; mme Modimo o a fokisa moya lefatsheng, mme metsi a kgwehla.


Ya re hopotseng boikokobetsong ba rona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!


Modimo o tla re hlohonolofatsa, o tshajwe ke dipheletso tsohle tsa lefatshe!


Elellwa teng, Jakobo; le wena Iseraele; hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile; o mohlanka ho nna, Iseraele, ha o ka ke wa lebalwa ke nna.


Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.


Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


hore lehlohonolo la Abrahama le fihlele baditjhaba ka Jesu Kreste, mme re amohele pallo ya Moya ka tumelo.


Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ