11 Lona ba tshabang Jehova, itshepeleng Jehova: ke yena thuso ya bona le thebe ya bona.
11 Lona ba tshabang Morena, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona.
Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.
Iseraele a ke a re: Efela mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!
Ba tshabang Jehova ba ke ba re: Efela mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!
Lona, ba ntlo ya Iseraele, bokang Jehova!
Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae.
Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!
Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,
Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.
Mantswe wohle a Modimo a hlwekile; ke thebe ho ba o tshepang.
Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang.
Lentswe la tswa teroneng, la re: Bokang Modimo wa rona, lona bohle bahlanka ba wona, le lona ba o tshabang, ba baholo le ba banyenyane.