8 a tle a ba dudise le mahosana, e, le mahosana a setjhaba sa hae.
8 a mo dudise le mahosana, le mahosana a setjhaba sa habo.
Faro a ba a re ho Josefa: Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.
Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.
Ditulong tsa bontatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana lefatsheng lohle.
Na le tla nne le phomole hara masaka? Mapheo a leeba a apesitswe ka silefera, le masiba a lona ka kgauta e tshehla.
O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.