Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 113:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova o phahamile kahodimo ho ditjhaba kaofela, le kganya ya hae e kahodimo ho mahodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Morena o phahametse tjhaba tsohle, tlotla ya hae e okametse mahodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 113:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa fale Modimo o fela o ka aha lefatsheng na? Bona, esita le mahodimo le mahodimo a mahodimo a ke ke a o kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le nnotshi le phahamileng, bokgabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatshe le mahodimo.


Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle, wena ya beileng kganya ya hao mahodimong!


Hobane, Jehova o Mookamedi ya phahameng, ya renang hodima lefatshe lohle; o phahamile haholoholo ho fetisa medimo kaofela.


Jehova o moholo Sione, o phahametse ditjhaba kaofela.


Bonang, ditjhaba di jwaloka lerothodi la metsi le dutlang nkgong, le jwaloka lerolenyana le sekaleng. Bonang, dihlekehleke di jwaloka lerole le lesesanyane le fefohelang koo.


Ho yena ditjhaba kaofela di jwaloka hoja di le siyo, o di tadima jwaloka ntho ya lefeela, ya bosawana.


Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ