Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 113:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Lebitso la Jehova a le ke le roriswe, ho nka botjhabela ho isa bophirimela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho roriswe lebitso la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 113:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke howeletsa, ke re: Jehova a ke a bokwe! mme ke namolelwa ho dira tsa ka.


Thoko ya hao, Modimo, le lebitso la hao, a di ke di tume ho isa dipheletsong tsa lefatshe! Seatla se setona sa hao se tletse ho loka.


Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao!


Ra utlwa dipina tse tswang dipheletsong tsa lefatshe, tse reng: Kganya ho ya lokileng! Empa nna ka re: Ke senyehile! ke senyehile! Ho madimabe nna! Mashodu a utswa, mashodu a ya le kgapo.


Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.


Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.


Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ