2 Ho bokwe lebitso la Jehova jwale le ka ho sa yeng kae!
2 Ho bokwe lebitso la Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle.
Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho sa simoloheng ho isa ho sa feleng. Setjhaba sohle sa re: Amen! sa rorisa Jehova.
Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho nka ho sa simoloheng ho isa ho sa feleng! Mme setjhaba kaofela se ke se re: Amen! Bokang Jehova!
empa rona, re tla boka Jehova, jwale le ho isa ho bo sa feleng! Bokang Jehova!
Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho bo sa qaleng, ho isa ho bo sa feleng! Amen, e, amen!
Daniele a re: Ho bokwe lebitso la Modimo kamehla le mehla, hobane efela o na le bohlale le matla!
ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!
Mme ka utlwa dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse katlase ho lefatshe, le tse lewatleng, le tse ho tsona kaofela, di re: Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana, e be teboho, le hlompho, le kganya, le matla, mehleng le mehla!