Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 112:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ke ke a tshoha ke pehi e mpe, pelo ya hae e tiile, e itshepisa ka Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 A ke ke a tshoswa ke ho utlwa taba tse bohloko, pelo ya hae e matlafetse, o tshepile Morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 112:7
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

etlaba moo o tsebang ho emisa hlooho ya hao o se na sekodi; o tla tiya o sa tshabe letho.


Jehova o nkemetse; ha ke tshabe letho, motho a ka nketsang?


Ka na ka batla Jehova, mme a nkaraba, a ba a mpholosa ho tshabeng ha ka kaofela.


ba itshepetseng menono ya bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona?


Modimo, pelo ya ka e tiile, pelo ya ka e tiile. Ke rata ho o roka ka dipina le ka difela.


Lona, setjhaba, le itshepise ka wona kamehla, le tshollele dipelo tsa lona pela wona! Modimo ke setshabelo sa rona. (Sela.)


Ya lokileng o tla ithabela ho Jehova, a tshabele ho yena; batho bohle ba nang le pelo e lokileng ba tla ithorisa kahoo.


Empa haele ya nkutlwang, yena o tla ikahela ka kgotso, a se na ho tsoha kotsi.


Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba araba taba eo, ba re ho morena Nebukadnesare: Ha re a tshwanela ho o arabela letho tabeng ena.


Le tla boloka meya ya lona ka sebete sa lona.


Mohla le utlwang dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; hobane tseo di tshwanetse ho hlaha pele, empa le moo, bofelo bo ke ke ba hlaha kapele.


Pelo tsa lona di se ferekane; dumelang ho Modimo, le ho nna le dumele.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Banna, betang dipelo ke hona; hobane ke fela ke kgolwa hoba Modimo o tla etsa kamoo o mpoleletseng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ