Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 112:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bokang Jehova! Ho lehlohonolo motho ya tshabang Jehova, ya ithabelang ditaelong tsa hae haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Haleluja! Ho lehlohonolo ya tshabang Morena, ya thabelang melao ya hae haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 112:1
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akabe a bitsa Obadia, molebedi wa ntlo ya borena; haele Obadia, o ne a tshaba Jehova haholo.


Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela.


Ke tshwerwe ke matswalo le tsieleho; leha ho le jwalo, ditaelo tsa hao ke menyaka ya ka.


Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.


O ntsamaise ka tsela ya ditaelo tsa hao, hobane ke ithabisetsa tsona.


MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.


Ho lehlohonolo motho ka mong ya tshabang Jehova, ya tsamayang ditseleng tsa hae.


O fa ba mo tshabang ho ratwang ke bona, o utlwa mehoo ya bona, mme o a ba lopolla.


Rorisang Jehova, hobane ho hotle ho roka Modimo wa rona; e, ke ntho e monate; thoko e a mo tshwanela.


Bokang Jehova! Rorisang Modimo sehalalelong sa wona, o roriseng lehodimong le entsweng ke matla a wona!


Ho etsa ho ratwang ke wena, Modimo wa ka, ke sona seo ke se ratang, molao wa hao o ngodilwe pelong ya ka.


Ka baka la hobane babelehisi ba tshabile Modimo, wa ba hlohonolofaletsa matlo a bona.


Empa leha moetsadibe a etsa hampe ha lekgolo, mme a atelwa ke matsatsi, leha ho le jwalo, ke tseba hoba ba tshabang Modimo ho tla dula hantle le bona, e leng ba tshabang ho etsa hampe pela sefahleho sa wona.


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang.


Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;


Hobane thato ya nama ke lefu, empa thato ya moya ke bophelo le kgotso.


O tla hlohonolofatswa motseng, o hlohonolofatswe masimong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ