O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.
Ke mang ya lekantseng metsi ka seatleng sa hae? Ke mang ya lekantseng mahodimo ka boahlamo ba menwana ya hae? Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe tekanyong? Ke mang ya lekantseng boima ba dithaba ka sekgoketsane, le dithabana ka sekala?
Dipontsho tsa wona di kakang! le mehlolo ya wona e matla hakakang! Borena ba wona ke borena bo sa feleng, ho nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng.
Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!