Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 110:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O tla ahlola hara ditjhaba; hohle ho tla tlala ditopo, o tla thumakanya dihlooho dinaheng tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 O tla ahlola ditjhaba, ho tlale ditopo; o tla thuakanya hlooho tsa sera ka bophara ba lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 110:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


E, Modimo o tla bata hlooho ya bao e leng dira ho wona, lehata le sehlotho la ya itsamaelang dibeng tsa hae.


Morena o itse: Ke sa tla ba lata Bashane, ke ba late le bodibeng ba lewatle;


O tla thabela ho tshaba Jehova, a ke se ke a ahlola ka tjhadimo ya mahlo, leha e le ho tswa ka ho utlwa taba ya ba re.


Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


A ke ke a fokola, leha e le ho tepella, a eso ho bee ho loka lefatsheng; dihlekehleke di tla tshepa molao wa hae.


Ho loka ha ka ho haufi, poloko ya ka e se e ya hlaha, mme matsoho a ka a tla ahlola ditjhaba; dihlekehleke di tla ntshepa, di tla nne di tshepe letsoho la ka.


Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.


O tla wela dithabeng tsa Iseraele, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse leng ho wena. Ke tla o neela manong le tsohle tse fofang le diphoofolo tsa naha, ho ba dijo tsa tsona.


Mme Jehova o tla ahlolela ditjhaba tse ngata, a kgalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka disabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee disekele; setjhaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.


O tswela ho pholosa setjhaba sa hao, ho pholosa motlotsuwa wa hao! O thuhaka hlooho ya ntlo ya e mobe, o be o kwaholle metheo ya yona, o e senye ho isa marulelong. (Sela.)


Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo yohle,


Sehatelo sa hatelwa kantle ho motse, mme ha tswa madi sehatelong, mme a phahama a ba a fihla ditomong tsa dipere, sebaka sa wona se lekane le distadia tse sekete se nang le makgolo a tsheletseng.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


Jehova o tla tshosa ba mo tsekisang, o tla ba dumisetsa a le lehodimong. Jehova o tla ahlola dipheletso tsa lefatshe; o tla nea morena wa hae matla, a emise lenaka la motlotsuwa wa hae!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ