Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 11:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 11:7
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.


Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.


Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.


hobane o mo entse ya lehlohonolo ka ho sa feleng, wa mo nyakalatsa ka sefahleho sa hao.


Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,


O rata tokelo le ho loka; lefatshe le tletse mehauhelo ya Jehova.


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.


O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.


Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.


Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.


Modimo ke moahlodi ya lokileng, ke Modimo o halefelang ba babe ka matsatsi wohle.


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.


Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka.


Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.


Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.


ba tla bona sefahleho sa wona, mme lebitso la wona le tla ngolwa diphatleng tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ