Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 11:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 11:6
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.


A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.


sefi se patilwe mobung pela hae, leraba le mo lebeletse tseleng.


Ha ho le a mong wa bahabo ya dulang tenteng ya hae; sebabole se tsholla jwaloka pula hodima moaho wa hae.


Modimo ke wona o tlang ho kgorisa mpa ya hae, o tla mo otla ka tjheso ya kgalefo ya wona, o e nese hodima nama ya hae.


A etsa dipula tsa bona sefako, a romela le malakabe a mollo naheng ya bona.


Jehova ke kabelo ya ka, ke mohope oo ke o abetsweng; ke wena ya ntiiselletsang lefa la ka.


Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.


Mahlomola a mangata a lebeletse ya kgopo; empa ya itshepelang Jehova o teelwa hare ke mohau wa hae.


Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.


Tsoha, tsoha, o eme, wena Jerusalema, ya nweleng mohope wa kgalefo ya Jehova letsohong la hae; o nwele, o momonne ditshifa tsa senwelo se tahisang!


Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.


Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Kgalefong ya ka, ke tla pukisa moya wa difefo; bohaleng ba ka, dikgohola di tla matha, kgalefong ya ka, majwe a sefako a tla wa ho timeletsa ruri.


Ke tla mo tsekisa ke tshwere lefu la sewa le madi; ke tla mo nesetsa dipula tsa dikgohola le majwe a sefako, le mollo, le sebabole, ke di nesetse le makgotla a hae le ditjhaba tse ngata tse leng ho yena.


O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.


Empa ka letsatsi leo Lota a tswang Sodoma ka lona, lehodimo la neswa mollo le sebabole, ba ba ba timetswa kaofela ke tsona.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Mohla Elkana a neng a etsa sehlabelo, o ne a nea mosadi wa hae Peninna le bara ba hae le baradi ba hae bohle diabo;


Jwale, Samuele a bitsa maopehi, a re: Hlahisa sekoto seo ke o fileng sona, ka re ho wena: Se bolokele kathoko ka ho wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ