Absalome a romela le ho bitsa Akitofele Mogilone, moeletsi wa Davida, Gilo, motseng wa habo, nakong eo a neng a hlaba mahlabelo. Morero wa ba kwenehetseng morena wa tiya, le batho ba tlang ho Absalome ba nna ba eketseha.
Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.
Efraime o nteela hare ka leshano, le ntlo ya Iseraele ka bohata, mme haele Juda, o sa ntse a kwetjha, o hana ho utlwa Modimo, Mohalaledi ya tshepehang.