Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 109:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 E be moputso oo ka wona Jehova a putsang sera sa ka le ba bolelang bobe hodima ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 109:20
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Morena a re ho Kushi: Ana mohlankana Absalome o sa pholohile na? Kushi a re: Dira tsa morena, monga ka, le bohle ba o kwenehelang hore ba tla ba o hlahisetse bobe, ba be jwaloka mohlankana eo.


Morena a eketsa a re ho Shimei: O tseba bolotsana bohle ba hao, le pelo ya hao e a bo tseba, boo o bo entseng ntate Davida; jwale, Jehova o busetsa bokgopo ba hao hloohong ya hao.


Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


Hobane dira tsa ka di ntsheba ka dipelo tsa tsona,


o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.


Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.


Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona.


Empa Jesu a re: Le se ke la mo hanela; hobane ha ho motho ya ka phakisang a mpolela hampe, ha a entse mohlolo ka lebitso la ka.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Ke moo ke le tsebisang hoba ha ho motho, ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka bitsang Jesu anathema, mme ha ho e mong ya ka bitsang Jesu Morena, haese ka Moya o Halalelang.


Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ