Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 109:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 A apara thohako jwaloka kobo: E ke e monyele mmeleng wa hae, e monyele jwaloka metsi, le masapong a hae jwaloka ole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 109:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;


E ke e be ho yena jwaloka kobo eo a ikgatumetsang ka yona, le jwaloka senyepa seo a itlamang ka sona kamehla!


Ka baka leo, boikgohomoso bo ba ngomela jwaloka lepetu, sehloho se ba aparetse jwaloka kobo.


metsi ana a tlisang thohako a kene maleng a hao, a kokomose mpa ya hao, mme a omeletse letheka la hao. Mme mosadi o tla re: Amen! amen!


Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.


Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.


Empa yare hobane a ithekele tshimo ka moputso wa bokgopo, a itihela, a phatloha kalehare, mala a hae a ba a horometseha kaofela.


hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


Empa jwale, lahlang le lona, ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itshena, le lonya, le dinyefolo; mme polelo e dihlong e se ke ya tswa melomong ya lona.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ