10 Bana ba hae e ke e be melele e kopang, ba sikile hole le ntlo ya bona e senyehileng.
10 Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona.
Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.
Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.
ha bana ba hae ba atile, e tla ba dijo tsa lerumo, ditloholo tsa hae di ke se ke tsa kgora bohobe;
bana ba lona ha ba sa na boiketlo, ba hatakelwa dikgorong, ho se ya ba namolelang.
Nkile ka ba motjha, mme jwale ke tsofetse; empa ha ke eso ho bone ya lokileng a tlohelwa, leha e le ditloholo tsa hae di sikila bohobe;
Ba ya nne ba tjhobatjhobele nama, bosiu bo ba sele ba eso ho kgore!
Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.