Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 108:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Pholosa ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba bolokehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Modimo, ako bontshe hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 108:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme Jehova a romela ka moporofeta Nathane ho mo rea lebitso la Jedidia (moratuwa wa Jehova), ka baka la Jehova.


Le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona, le nna ke bitse lebitso la Jehova, mme modimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke wona Modimo! Setjhaba sohle sa re: O boletse hantle.


Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.


Oho Modimo, o mpoloke ka lebitso la hao, o nkemele ka matla a hao!


Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)


Letsoho la hao le letona, Jehova, le tumile ka matla a lona; tsoho la hao le letona, Jehova, le thuhakantse sera.


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Bitsa ho nna, mme ke tla o araba, ke o bontshe tse kgolo le tse patilweng tseo o sa di tsebeng.


A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Haele bakeng sa Benjamine, a re: Ke moratuwa wa Jehova; o tla aha ka tshepo pela hae: o tla kgurumetswa ke Jehova, ka matsatsi wohle, mme o tla dula pakeng tsa mahetla a hae.


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ