9 hobane o kgodisitse moya o nyorilweng, mme a sitsa moya o lapileng ka menono.
9 O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo.
Ke tla e fa nala, ba lesitsi ba yona ke ba kgorise bohobe.
O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;
Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.
Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.
Tloong, lona bara ba ka, le mmamele; ke tla le ruta ho tshaba Jehova.
Ke tla kgorisa meya ya baprista mafura, mme setjhaba sa ka se tla kgora menate ya ka, ho bolela Jehova.
Hobane ke tla phodisa moya o nyorilweng, moya o mong le o mong o tapileng ke o kgorise.
Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.
ba lapileng o ba kgorisitse molemo, mme ba ruileng o ba kgutlisitse ba le feela;