Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.
Yaba ba etsa jwalo, mme Aarone a otlolla letsoho la hae, a tshwere lere la hae, a otla lerole la lefatshe, la fetoha dinta ho batho, le ho diphoofolo; lerole kaofela la lefatshe la fetoha dinta naheng yohle ya Egepeta.
Yaba Jehova o etsa jwalo, mme menwang ya tla ka bongata ka tlung ya Faro, le ka matlung a bahlanka ba hae, lefatsheng lohle la Egepeta; mme lefatshe la senyeha ke menwang.
Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.
Ka wona motsotso oo, lentswe leo la phetheha hodima Nebukadnesare; a lelekiswa hara batho, a fula jwang jwaloka kgomo, mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela moriri wa hae o mela jwaloka masiba a ntsu, le dinala tsa hae jwaloka tsa dinonyana.
Jehova o mo fumane a le nahathothe, feelleng le tshabehang ka bobe le ka mehoo ya tshenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka jwaloka hoja e le thaka ya leihlo la hae.
le tle le je dinama tsa marena, le dinama tsa balaodi ba dikete, le dinama tsa dinatla, le dinama tsa dipere, le tsa ba di kaletseng, le dinama tsa bohle ba sa ruwang le ba ruilweng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.
Yaba Jaele, mosadi wa Hebere, o nka sethakgisa sa tente, a tshwara le noto ka letsoho la hae; a atamela Sisera ka ho nanya, a ntse a robetse haholo, a kgathetse, mme a mo hlaba hlafunelong ka sethakgisa, sa ba sa tshwela fatshe. Sisera a shwa jwalo.
Moo ba re: Sehlabelo sa molato e ka ba eng, seo re tla se busetsa ho wona na? Ba re: E tla ba ditshwantsho tse hlano tsa kgauta tsa diso, le ditweba tse hlano tsa kgauta, ka ho lekanya palo ya marena a Bafilesta, etswe le hlahetswe ke lefu le le leng bohle, ka wona marena a lona.