Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto.
Hobane Jehova o ne a bone matshwenyeho a Iseraele hobane a bohloko haholo, le kamoo ba ruilweng le ba sa ruwang ba neng ba le tsietsing kateng, ho se mothusi Iseraeleng.
Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.