Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 107:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ba itjalla dithite, ba hloma merara, mme ba eja ditholwana tse behwang ke yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Ba jala masimong, ba lema morara, kotulo ya eba kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 107:37
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.


Mme taba ena e tla ba pontsho ho wena, Esekiase: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome merara, le je ditholwana tsa yona.


Ba tla haha matlo, ba dule ho wona; ba tla hloma merara, ba je ditholwana tsa yona.


Hahang matlo, le ikahele teng, lemang masimo, le itjelle dijo tsa wona.


O sa tla be o leme merara dithabeng tsa Samaria; balemi ba yona ba tla e lema, ba itjelle tsa yona.


Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.


Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.


Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang.


Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ