Dipesaleme 107:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)33 O ne a fetole dinoka lefeella, le didiba tsa metsi naha e tshehla. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE33 O ne a fetole dinoka lehwatata, le didiba a di fetola baka tse omeletseng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.