Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 107:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 A ba ke ba mo phahamise phuthehong ya setjhaba, mme ba mo roke mokgatlong wa ba baholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ba mo tlotlise phuthehong ya setjhaba, ba mo rorise mokgatlong wa ba baholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 107:32
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.


Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.


Jehova a ke a phele, lefika la ka le ke le roriswe!


Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.


O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.


Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.


Ke moo ke tla o leboha phuthehong e kgolo, ke o roke hara setjhaba se sengata.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.


ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise ditjhaba diketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ