Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 107:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 a ba latileng dinaheng tsohle, botjhabela le bophirimela, leboya le borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 a ba phutha, a ba ntsha dinaheng tsa botjhabela le bophirimela, tsa borwa le leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 107:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, Modimo wa rona, o re lopolle, o re bokelle, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, re ithorise kganyeng ya hao.


Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.


Ke na be ke o furaletse ka motsotso o se o kae, empa ke tla o bokella ka mehauhelo e fetisisang.


Morena Jehova, ya bokellang ba tebetsweng ba Iseraele, o re: Ke sa tla bokellela ba bang ho yena, le ho bao e leng ba hae, bao ke seng ke ba bokeletse.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


Ke tla le ntsha ditjhabeng, mme dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona ke le phuthe ka letsoho le matla, le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka,


Ke tla le lata ditjhabeng, ke le phuthe mafatsheng wohle, ke tle ke le busetse naheng ya heno.


e le mohla ke ba kgutlisang ditjhabeng, ke ba phuthang dinaheng tsa dira tsa bona, ke ikgalaletsang ka bona pontsheng ya ditjhaba tse ngata.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o kgutlisa kgolehong ya hao, mme o tla o hauhela, a boele a o bokelle ditjhabeng tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o qhalanyeditseng hara tsona.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ