25 A bolela, mme a tsosa moya wa sefefo, o emisang maqhubu a lewatle.
25 A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle;
A bolela, mme ha tla dintsintsi le dinta dinaheng tsohle tsa bona.
A bolela, mme ha tla tsie, tsie e sa balweng,
Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;
mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;
Jehova, dikgohola di phahamisa, dikgohola di phahamisa lentswe la tsona, dikgohola di phahamisa medumo ya tsona.
Empa Jehova a tsosa moya o moholo lewatleng, mme ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepe sa ba sa batla se robeha.
Yaba ba sekepe ba tshoha, ba rapela e mong le e mong modimo wa hae; ba ba ba lahlela lewatleng mesebetsi e ka sekepeng, ho fokotsa boima ba sona. Haele Jonase, o ne a theohetse kahare ho sekepe, a sekame fatshe, a robetse haholo.
Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepana sa ba sa apeswa ke maqhubu a metsi; empa Jesu yena o ne a robetse.
lewatle la ba la kokomoswa ke moya o moholo o fokang.