Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 107:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Balopollwa ba Jehova ba ke ba rialo, bao a ba lopolotseng matsohong a sera,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ba ke ba rialo bao Morena a ba lopolotseng, a ba namolela matsohong a mohatelli;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 107:2
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ba namolela letsohong la ya ba hloileng, a ba lwela letsohong la sera;


Ke yena ya tlang ho lopolla Iseraele makgopong a hae kaofela.


Ke laeletsa moya wa ka matsohong a hao; o ntopolotse, Jehova, Modimo wa nnete!


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


Teng ha ho tau, ha ho sebata se tlang ho bea leoto teng, leha e le ho fumanwa teng, empa ba lopolotsweng ba tla tsamaya teng.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.


Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.


Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.


Mme ke tla nne ke o namolele matsohong a ba babe, ke o lwele matleng a bahale.


Hobane Jehova o lopolotse Jakobo, o mo namoletse matsohong a ya mo fetang ka matla.


Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.


ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho,


Haele rona, re ne re tshepile hobane ke yena ya tla lopolla Iseraele; leha ho le jwalo, e se e le letsatsi la boraro taba tseo di hlahile.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ