O tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng, o lebale le ditlolo tsohle tseo ba o sitetsweng ka tsona; o ba fumantshe mohau ho ba ba isitseng kgolehong, hore ba ba utlwele bohloko.
Ha le fela le ka kgutlela ho Jehova, banababo lona le bara ba lona ba tla be ba bone mohau ho ba ba isitseng kgolehong, ba be ba kgutlele kwano; hobane Jehova, Modimo wa lona, o mohau, o lereko; a ke ke a hlola a le furallisetsa sefahleho sa hae, ha le ka kgutlela ho yena!
Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.
Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.
Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.