Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 106:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 a ba neela matsohong a ditjhaba; ba ba hloileng ba ba busa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 A ba neela matsohong a baditjhaba, ba buswe ke ba ba hloileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 106:41
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Yaba ke otlollela letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka o neela matleng a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesta, ba neng ba le dihlong ka metsamao ya hao e ditshila.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


O tla phopholetsa motshehare jwaloka sefofu se phopholetsang lefifing. O ke ke wa atleha ditabeng tsa hao. O tla hatakelwa, dintho tsa hao di hapuwe kamehla, ho se motho ya o namolelang.


Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.


o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Yaba banna ba Juda ba kete tse tharo ba theohela lefarung la lefika la Etame, ba re ho Samsone: Na ha o tsebe hobane Bafilesta ba re busa na? O re etseditseng jwalo? A re ho bona: Ke entse ka bona kamoo ba entseng ka nna kateng.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova.


Bana ba Iseraele ba ruwa ke Eglone, morena wa Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ