Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 106:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ba hlabela medimo ya bohata bara le baradi ba bona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Ba etsetsa bademona mahlabelo, ka bara le baradi ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 106:37
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le yena a ya ka mehlala ya marena a Iseraele, hape a tjhesa mora hae mollong, ka mokgwa wa manyala a ditjhaba, tseo Jehova a neng a di leleke pela bana ba Iseraele;


Ba tjhesa bara le baradi ba bona mollong, ba loya ka boloi, ba noha, ba ineela ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, hore ba mo halefise.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


o ne a ikgethetse baprista ba dinqalo tse diphahameng ho hlabela diphooko le manamane ao a neng a a entse.


lona ba tjhesehelang ditshwantsho katlasa sefate se seng le se seng se mahlaku, ba etsang mahlabelo ka bana dikgohlong le mafarung a mafika?


Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.


Ba hahile linqalo tse diphahameng tsa Tofethe, kgohlong ya mora Hinnome, ho tjhesa bara ba bona le baradi ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka.


Ka ba ka ba silafatsa ka dinyehelo tsa bona, kamoo ba neng ba tjhesa bara bohle ba matsibolo kateng, hore ke tle ke be ke ba etse lesupi, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


mme le tlisa dinyehelo tsa lona, le tjhesa le bara ba lona, le ntse le itshilafatsa ka ditshwantsho tsa lona tsohle ho fihlela la kajeno, hleka nka dumela ho botswa ke lona, ntlo ya Iseraele, na? Ke a phela, ho rialo Morena Jehova, ha ke na ho botswa ke lona.


Hobane ba fela ba febile, mme madi a teng matsohong a bona; ba febile le ditshwantsho tsa bona, hape ba bile ba di jesitse bara ba bona bao ba neng ba ntswaletse bona.


Mme letshwele le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba hlabe ka marumo; ba tla bolaya bara ba bona le baradi ba bona, ba tjhese matlo a bona.


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?


Empa ke re: Dintho tseo bahetene ba di hlabelang aletareng, ba di hlabela batemona, e seng Modimo: mme ke hana hoba le ka jesana le batemona.


Ho se ke ha fumanwa haeno motho ya fetisang mora wa hae, leha e le moradi wa hae mollong, leha e le mophofi ya phofang, kapa selaodi se laolang, kapa senohe, kapa moloi,


Ba hlabetse bademona, bao e seng Modimo, le medimo eo ba neng ba sa e tsebe, medimo e metjha, e tswang ho hlaha, eo bontata lona ba sa kang ba e tshaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ