Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;
O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.
le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.
Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.
Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.
Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.