O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang?
Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.
Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.