o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,
Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.
Ba hlabetse bademona, bao e seng Modimo, le medimo eo ba neng ba sa e tsebe, medimo e metjha, e tswang ho hlaha, eo bontata lona ba sa kang ba e tshaba.
Mahlo a lona a bone seo Jehova a se entseng ka baka la Baale-Peore, kamoo Jehova, Modimo wa hao, a timeditseng hara lona bohle ba neng ba latetse Baale-Peore kateng.
Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.