Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.
mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;
Ba nyefola hara bana ba Iseraele naha eo ba neng ba ile ho e lekola, ba re: Naha eo re e haotseng ho e hlwela ke naha e jang baahi ba yona; batho bohle bao re ba boneng teng, ke batho ba seemo se selelele;
Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?
Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!
Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.
Le mohla re leng Kadeshe-Barnea, ha Jehova a le roma, a re: Nyolohang, le rue lefatshe leo ke le neileng lona, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; ha le a ka la mo tshepa, mme ha le a ka la etsa ka lentswe la hae.
Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.
Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.
Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.