14 ba kenwa ke takatso nahathothe, ba leka Modimo feelleng.
14 Ba mpa ba laolwa ke ditakatso tsa bona lefeelleng, ba leka Modimo ba le lehwatateng.
Yare ba eso ho kgodisise takatso ya bona, nama ha e sa le molomong wa bona, bohale ba Modimo ba ba tukela,
Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?
Le bona baditjhaba ba leng hara bona ba tshwarwa ke boshwata; esita le bona bana ba Iseraele ba boela ba lla, ba re:
Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,
Taba tseo ke ditemoso ho rona, re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha ba di lakaditse.
Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.
Hape, Tabeera, le Massa, le Kibrothe-Hattaava, le phepheditse Jehova.