Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.
Hobane pere tsa Faro, le makoloi a hae, le bakalli ba hae ba kene lewatleng, mme Jehova o buseditse metsi a lewatle hodima bona, kanthe bana ba Iseraele ba tsamaile moo ho omileng, mahareng a lewatle.