Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 105:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Hopolang dimakatso tsa hae tseo a di entseng, mehlolo ya hae, le dikahlolo tseo a di boletseng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 105:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Boka Jehova, moya wa ka, o se ke wa lebala ditshitso tsohle tsa hae!


Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.


Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo;


ke tla bolela mesebetsi ya hao kaofela, ke qaqisetse diketso tsa hao.


A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.


Elellwa mehla ya kgale, o lemohe dilemo tsa meloko e mengata; botsa ntatao, mme o tla o ruta; botsa maqheku a hao, mme a tla o bolella.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ