Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 105:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 A etsa hore setjhaba sa hae se tlohe ka thabo, le bakgethwa ba hae ka nyakallo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

43 A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo, bakgethwa ba hae ka ditlatse tsa thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 105:43
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


lona, lesika la Abrahama, mohlanka wa hae; lona, bana ba Jakobo, bakgethwa ba hae!


ke tle ke bone lehlohonolo la bakgethwa ba hao, ke ithabise ka thabo ya setjhaba sa hao, ke ithorise hammoho le lefa la hao.


Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


Hobane le tla tloha ka thabo, le tsamaiswe ka kgotso; dithaba le maralla di tla ntsha mehoo ya nyakallo pela lona, difate tsohle tsa naha di ope diatla.


Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng.


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


Ka roma Moshe le Aarone, mme ka otla Egepeta kamoo ke entseng kateng hara yona, ka ntoo le ntsha teng.


ka le namolela matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le tshwenya; ka ba lelekisa pela lona, ka ba ka le nea lefatshe la bona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ