Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.
Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele.
Moshe a re: Mamelang he, lona bahanyetsi! A hleka re tla le ntshetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habedi ka lere la hae. Metsi a tswa a le mangata; batho ba enwa le tsona dintho tsa bona.