31 A bolela, mme ha tla dintsintsi le dinta dinaheng tsohle tsa bona.
31 A laela, ha hlaha diboba, le menwang, naheng yohle ya bona.
Wa ba romela menwang e neng e ba qeta, le dihohwana tse neng di ba tshwenya.
Yaba Moshe le Aarone ba tloha pela Faro, mme Moshe a howeletsa ho Jehova ka baka la dihohwana tseo a di hlahiseditseng Faro.
Yaba Jehova o etsa kamoo Moshe a kopang kateng; dihohwana tsa eshwa matlung, le metseng, le naheng.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Mehleng eo, Jehova o tla letsetsa dintsintsi tse phellong ya dinoka tsa Egepeta molodi, le dinotshi tse lefatsheng la Assiria.